-
1 Dikronike 11:15-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ya lefikeng ho Davida lehaheng la Adulame.+ Ka nako eo, lebotho la Bafilista le ne le hlomme ditente Kgohlong* ya Barefaime.+ 16 Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng mme masole a Bafilista a ne a hlomme ditente tsa ona Bethlehema. 17 Davida a bua hore na o lakatsa eng a re: “Ke lakatsa ho nwa metsi a tswang sedibeng se keiting ya Bethlehema.”+ 18 Yaba banna ba bararo ba matla ba kena ka nkane ditenteng tsa Bafilista mme ba kga metsi sedibeng se keiting ya Bethlehema mme ba a tlisa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe ka pela Jehova. 19 Davida a re: “Le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena hobane ke hlompha Modimo. Na nka nwa madi a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?+ Ba behile bophelo ba bona kotsing hore ba ntlisetse ona.” Ka hoo, a hana ho a nwa. Tsena ke dintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba di entseng.
-