Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 1 Dikronike 21:8-13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Davida a re ho Modimo wa nnete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa o ntshwarele+ hobane ke entse ka bowatla.”+ 9 Jehova a bua le Gade+ ya bonang dipono bakeng sa Davida a re: 10 “Tsamaya mme o re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke o fa dikotlo tse tharo. Ikgethele eo o e batlang.”’” 11 Gade a tla ho Davida a re ho yena: “Jehova o re, ‘Ikgethele 12 hore na ho be le dilemo tse tharo tsa tlala+ kapa dikgwedi tse tharo o bolawa ke dira tsa hao mme di o hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ya Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la sewa naheng yohle ya Iseraele.’+ Jwale inahane mme o mpolelle hore na ke reng ho ya nthomileng.” 13 Davida a re ho Gade: “Ke tshwenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuwa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ya re fang kotlo hobane yena o mohau haholo.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela