-
1 Dikronike 21:18-23Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a yo etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane wa Mojebuse.+ 19 Yaba Davida o a nyoloha ka mora hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20 Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba ena le yena ba ipata. 21 Ha Davida a tla ho yena, Ornane a mo bona mme hanghang a tswa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatshe. 22 Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka tjhelete e feletseng hore bolwetse bona bo tshwereng batho bo tle bo fediswe.”+ 23 Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona morenaka mme o etse seo o bonang se le molemo. Dikgomo tsa nyehelo ya setjheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi ha mmoho le koro bakeng sa nyehelo ya dijo.* Ke fana ka tsona kaofela.”
-