-
2 Marena 9:25, 26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
25 Jehu a re ho Bidkare e leng molaodi wa masole a hae: “Mo nke o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Mojezriele.+ Hopola hore re ne re palame kariki e ka mora ya ntate wa hae Akabe ha Jehova a mo ahlola.+ 26 Jehova o ile a re ho yena, ‘Maobane ke bone madi a Nabothe+ le a bara ba hae.’ Hape Jehova o itse, ‘Ke tla pheteletsa madi a bona+ tshimong ena.’ Mo nke o mo lahlele tshimong ho ya ka seo Jehova a se buileng.”+
-