-
2 Marena 9:7-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 O bolaye ba lelapa la Akabe morena wa hao. Ke tla iphetetsa ka lebaka la madi a baprofeta le bahlanka ba bang bohle ba Jehova bao Jezebele a ileng a ba bolaya.+ 8 Ke tla bolaya bohle ba lelapa la Akabe, ke bolaye bohle ba batona* ba lelapa la hae ho akarelletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele.+ 9 Hape ke tla etsa hore ba lelapa la Akabe ba tshwane le ba lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate le ba lelapa la Basha+ mora wa Akija.
-