-
2 Dikronike 18:12-16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mikaia a re ho yena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le wena ke kopa o bue dintho tse ntle.”+ 13 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang hore ke tla bua seo Modimo wa ka a tla mpolella sona.”+ 14 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho yena: “Mikaia, re lwantshe Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaya o yo e lwantsha mme le tla e hlola.” 15 Morena a re ho yena: “Ke tla etsa hore o hlapanye ka makgetlo a makae e le hore o bue nnete mme o bue feela seo Jehova a o boleletseng sona?”* 16 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane dithabeng jwalo ka dinku tse se nang modisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. Ere e mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae ka kgotso.’”
-