-
1 Marena 16:30-33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
30 Akabe mora wa Omri a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ohle a busitseng pele ho yena.+ 31 O ne a etsa dibe tseo Jeroboame+ mora wa Nebate a di entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ moradi wa Ethebaale morena wa Basidone+ mme a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela. 32 Hape a etsetsa Baale aletare ka tlung* ya Baale+ eo a neng a e hahile Samaria. 33 Akabe a boela a etsa palo e halalelang.*+ O ile a fosetsa Jehova Modimo wa Iseraele ho feta marena ohle a Iseraele a busitseng pele ho yena.
-