-
2 Dikronike 26:16-21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 Ha a se a le matla, a ikgohomosa mme sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha a ka a tshepahalla Jehova Modimo wa hae yaba o kena ka tempeleng ya Jehova ho ya tjhesa dibano aletareng.+ 17 Hanghang moprista Azaria le baprista ba bang ba Jehova ba sebete ba 80 ba mo sala morao. 18 Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha o a lokela ho tjhesetsa Jehova dibano.+ Ke baprista feela ba kgethetsweng ho di tjhesa hobane ke ditloholo tsa Arone.+ Tswa ka mona ka sehalalelong hobane ha o a tshepahalla Jehova Modimo ebile a ke ke a o tlotlisa.”
19 Uzia a halefa haholo a ntse a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano.+ Ha a ntse a halefetse baprista, a otlwa ka lepera+ phatleng baprista ba ntse ba mo shebile ka tlung ya Jehova, ka pela aletare ya dibano. 20 Ha Azaria moprista e moholo le baprista ba bang kaofela ba mo bona, ba hlokomela hore o otlilwe ka lepera phatleng. Ba potlaka ho mo ntshetsa ka ntle mme le yena a tswa kapele hobane Jehova o ne a mo otlile.
21 Morena Uzia a tshwarwa ke lepera ho fihlela a shwa. O ne a dula ntlong ya hae a le mong e le molepera+ hobane o ne a se a sa dumellwa ho kena ntlong ya Jehova. Mora wa hae Jothame e ne e le yena ya hlokometseng ntlo ya borena* a bile a ahlola setjhaba.+
-