-
2 Samuele 3:2-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Davida a ba le bara ha a ntse a le Hebrone.+ Mora wa hae wa letsibolo e ne e le Amnone+ eo a bileng le yena le Akinoame+ wa Mojezriele. 3 Mora wa hae wa bobedi e ne e le Kileabe eo a bileng le yena le Abigaile+ mohlolohadi wa Nabale wa Mokarmele. Wa boraro e ne e le Absalome+ mora wa Maaka, moradi wa Talmai+ morena wa Geshure. 4 Mora wa hae wa bone e le Adonija+ eo a bileng le yena le Hagithe mme wa bohlano e le Shefatia eo a bileng le yena le Abitale. 5 Wa botshelela e le Ithereame eo a bileng le yena le mosadi wa hae Egla. Davida o ile a ba le bara bana ha a le Hebrone.
-