-
Joshua 21:34-40Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
34 Ho tswa lelokong la Zabulone,+ malapa a Bamerari+ e leng Balevi ba bang bohle, ba ile ba fumana Jokneame+ ha mmoho le makgulo a yona, Karta ha mmoho le makgulo a yona, 35 Dimna ha mmoho le makgulo a yona le Nahalale+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.
36 Ho tswa lelokong la Rubene: Bezere+ ha mmoho le makgulo a yona, Jahaze ha mmoho le makgulo a yona,+ 37 Kedemothe ha mmoho le makgulo a yona le Mefathe ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene.
38 Ho tswa lelokong la Gade:+ Motse wa setshabelo bakeng sa mmolai e leng Ramothe e Gileade+ ha mmoho le makgulo a yona, Mahanaime+ ha mmoho le makgulo a yona, 39 Heshbone+ ha mmoho le makgulo a yona le Jazere+ ha mmoho le makgulo a yona. Kaofela ha yona e le metse e mene.
40 Metse yohle e ileng ya abelwa Bamerari ka malapa a bona, e leng malapa a mang ohle a Balevi, e ne e le metse e 12.
-