-
Numere 35:2-4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuwa, ba fe Balevi metse eo ba ka dulang ho yona+ mme ba fe Balevi makgulo a potapotileng metse eo.+ 3 Ba dule metseng eo mme makgulo e tla ba a mehlape ya bona, a thepa ya bona le a diphoofolo tsohle tsa bona. 4 Makgulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba dimithara tse 445* ho tloha lerakong ho potapota motse wohle.
-