-
1 Samuele 31:1-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
31 Bafilista ba ne ba lwantsha Baiseraele.+ Yaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista mme ba bangata ba bona ba shwella Thabeng ya Gilboa.+ 2 Bafilista ba nna ba lelekisa Saule le bara ba hae mme Bafilista ba bolaya Jonathane,+ Abinadabe le Malki-shua e leng bara ba Saule.+ 3 Ntwa ya nna ya eba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana mme ba mo lematsa haholo.+ 4 Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Ntsha sabole ya hao mme o ntlhabe ka yona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla mme ba ntlhaba yaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari wa dihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tshohile haholo. Ka hoo, Saule a nka sabole mme a itihela hodima yona.+ 5 Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele+ le yena a itihela hodima sabole ya hae mme a shwa le Saule.
-