LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 6:3-8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Le ha ho le jwalo, ba palamisa Areka ya Modimo wa nnete kariking e ntjha+ e le hore ba e tlose ntlong ya Abinadabe+ e neng e le leralleng. Uza le Akio bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaya ka pela kariki eo e ntjha.

      4 Ka hoo, ba tlosa Areka ya Modimo wa nnete ntlong ya Abinadabe e neng e le leralleng mme Akio o ne a tsamaya ka pela Areka eo. 5 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka pela Jehova ka diletsa tsa mefuta yohle tsa junipere ya lepolanka, diharepa, diletsa tse ding tse dikgwele,+ meropa e menyenyane,+ disistrame le ka disimbala.+ 6 Empa ha ba fihla seotlong sa Nakone, Uza a otlolla letsoho mme a tshwara Areka ya Modimo wa nnete+ hobane dikgomo di ile tsa batla di e diha. 7 Yaba Jehova Modimo wa nnete o halefela Uza mme o mo bolaela+ moo hobane a ne a sa hlompha molao wa Modimo.+ Ka hoo, o ile a shwella moo pela Areka ya Modimo wa nnete. 8 Empa Davida a kwata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitswa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share