-
2 Samuele 5:19-21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Davida a botsa Jehova+ a re: “Na nka ya ke yo lwantsha Bafilista? Na o tla nthusa hore ke ba hlole?” Yaba Jehova o re ho Davida: “Tsamaya hobane ke tla o thusa hore o hlole Bafilista.”+ 20 Ka hoo, Davida a ya Baale-perazime mme a ba bolaela moo. Yaba o re: “Jehova o hlotse dira tsa ka+ jwalo ka lerako le dihilweng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Baale-perazime.*+ 21 Bafilista ba siya medimo ya bona ya ditshwantsho moo mme Davida le banna ba hae ba e lahla.
-