-
2 Samuele 5:22-25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Ha morao Bafilista ba boela ba tla mme ba hasana Kgohlong* ya Refaime.+ 23 Yaba Davida o botsa Jehova empa a mo araba a re: “O se ke wa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa o ba pote ka morao mme o ba hlasele o hlaha ka pela dihlahla tsa bakha. 24 Ha o utlwa lerata la masole a tsamayang hodima dihlahla tsa bakha, o a hlasele hanghang hobane Jehova o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya masole a Bafilista.” 25 Davida a etsa feela jwalo ka ha Jehova a mo laetse yaba o bolaya Bafilista+ ho tloha Geba+ ho ya fihla Gezere.+
-