LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 8:15-18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Davida a nna a busa Iseraele yohle,+ a ahlola setjhaba sohle+ ka toka le ka ho loka.+ 16 Joabe+ mora wa Tseruja o ne a okametse masole mme Josafate+ mora wa Akilude e le motlalehi. 17 Tsadoke+ mora wa Akitube le Akimeleke mora wa Abiathare e ne e le baprista mme Seraia e le mongodi. 18 Benaia+ mora wa Jehojada o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ Bara ba Davida ya eba baetapele* ba ka sehloohong.

  • 2 Samuele 23:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  3 Modimo wa Iseraele o buile,

      Ho nna lefika la Iseraele+ le itse:

      ‘Ha ya busang batho a lokile,+

      A busa ka ho tshaba Modimo,+

       4 Ho jwalo ka lesedi la hoseng ha letsatsi le tjhaba,+

      Hoseng ho se nang maru.

      Ho jwalo ka kganya ha pula e qeta ho na,

      E etsang hore jwang bo mele lefatsheng.’+

  • Pesaleme 78:70-72
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 70 A kgetha Davida+ mohlanka wa hae

      Yaba o mo tlosa masakeng a dinku,+

      71 Hore a se ke a hlola a hlokomela dinku tse anyesang.

      A mo etsa modisa wa Jakobo e leng setjhaba sa hae+

      Le wa Iseraele e leng lefa la hae.+

      72 O ile a ba disa ka botshepehi,+

      A ba tataisa ka boiphihlelo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share