-
2 Samuele 10:1-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ka mora nako, morena wa Baamone+ a shwa mme mora wa hae Hanune ya eba morena.+ 2 Davida a re: “Ke tla bontsha Hanune mora wa Nahashe hore ke a mo rata* feela jwalo ka ha ntate wa hae a ile a mpontsha hore o a nthata.” Ka hoo, Davida a roma bahlanka ba hae hore ba yo mo tshedisa hobane a hlokahalletswe ke ntate. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone, 3 dikgosana tsa Baamone tsa re ho Hanune morena wa tsona: “Na o nahana hore Davida o hlompha ntate wa hao ka ho o romella batho ba tlo o tshedisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho wena hore ba tlo hlahloba naha le ho e hlwela e le hore ba tle ba e hape?” 4 Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta halofo ya ditedu+ tsa bona mme a seha diaparo tsa bona ba sala ba le feela ho tloha mathekeng yaba o re ba tsamaye. 5 Ha Davida a bolellwa taba ena, hanghang a romela banna hore ba yo ba kgahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotswe haholo. Morena a re ho bona: “Dulang Jeriko,+ le tla kgutlela hae ha ditedu tsa lona di hodile.”
-