LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 29:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 A ima hape mme a ba le mora yaba o re: “Lekgetlong lena ke tla rorisa Jehova.” A mo reha Juda.*+ Ka mora moo a kgaotsa ho ba le bana.

  • Genese 49:8-12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ha e le wena Juda,+ bana beno ba tla o rorisa.+ O tla hlola* dira tsa hao.+ Bara ba ntate wa hao ba tla o inamela.+ 9 Juda ke ledinyane la tau.+ Mora wa ka, o tla ja phofu ebe o a tsamaya. O paqame ebile o phomotse jwalo ka tau mme jwalo ka tau, ke mang ya ka itetang sefuba ho mo tshwenya? 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaodi le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ mme ditjhaba di tla mo mamela.+ 11 Juda o tla hlatswa diaparo tsa hae veineng le lerong la morara, a fasitse tonki ya hae sefateng sa morara le petsana ya tonki sefateng se setle sa morara. 12 Mahlo a hae a mafubedu ka lebaka la veine mme meno a hae a masweu ka lebaka la lebese.

  • Baheberu 7:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ho hlakile hore Morena wa rona o tswa lelokong la Juda+ empa Moshe ha a ka a bua letho ka hore baprista ba tla hlaha lelokong leo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share