-
Genese 49:22-26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Josefa+ ke lekala la sefate se behang ditholwana se pela sediba, seo makala a sona a fihlang hodima lerako. 23 Empa ba betsang metsu ba ile ba nna ba mo hlorisa, ba mo betsa ka metsu le ho mo hloya.+ 24 Empa seqha sa hae se ne se le sebakeng sa sona+ mme matsoho a hae a le matla ebile a le mafolofolo+ ka lebaka la ya matla ya thusitseng Jakobo. Ke modisa, lejwe la Iseraele. 25 Josefa o tswa ho Modimo wa ntate wa hao mme o tla o thusa. Ya Matla Ohle o na le yena mme o tla mo hlohonolofatsa ka ditlhohonolofatso tse tswang mahodimong le tse tswang ka tlasa lefatshe,+ ka bana ba bangata le ka diphoofolo. 26 Ditlhohonolofatso tsa ntate wa hao di tla phahamela ditlhohonolofatso tsa dithaba tseo esale di le teng, di phahamele dintho tse ntle tse maralleng ao esale a le teng.+ Di tla nne di be hodima hlooho ya Josefa ya kgethilweng ho bana babo.+
-