Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 1 Marena 7:51
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 51 Morena Solomone a qeta mosebetsi wohle oo a neng a lokela ho o etsa bakeng sa ntlo ya Jehova. A kenya dintho tseo ntate wa hae Davida a neng a di halaleditse.+ A boela a beha silevera, kgauta le dintho tse ding ka matlotlong a ntlo ya Jehova.+

  • 1 Marena 14:25, 26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Ka selemo sa bohlano Morena Roboame a busa, Morena Shishake+ wa Egepeta a hlasela Jerusalema.+ 26 A nka matlotlo a ntlo ya Jehova le a ntlo ya morena.*+ A nka le dintho tsohle, ho akareletsa le dithebe tsa kgauta tseo Solomone a neng a di entse.+

  • 1 Dikronike 9:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Ho ne ho ena le balebedi ba dikeiti ba bane ba ka sehloohong* ba neng ba tshepahala mosebetsing wa bona. E ne e le Balevi mme ba ikarabella ka dikamore* le ka matlotlo a ntlo ya Modimo wa nnete.+

  • 1 Dikronike 18:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 hanghang a romela mora wa hae Hadorame ho Morena Davida hore a yo utlwa hore na o ntse a ya jwang le ho mo lebohisa hobane o ne a lwantshitse Hadadezere mme a mo hlotse (ka ha Hadadezere o ne a dula a lwantsha Tou). Hape o ile a mo tlisetsa mefuta yohle ya dintho tsa kgauta, tsa silevera le tsa koporo. 11 Morena Davida a nehelana ka* dintho tsena ho Jehova+ ha mmoho le silevera le kgauta tseo a neng a di nkile ditjhabeng tsohle, ho Edomo le Moabe, Baamone,+ Bafilista+ le ho Baamaleke.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela