Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 12:3-11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Buang le setjhaba sohle sa Iseraele le re, ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a nke nku+ bakeng sa lelapa la hae, ho be le nku bakeng sa ntlo ka nngwe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, lelapa leo* le bitsetse lelapa le haufi le lona ntlong ya lona hore ba tlo e kopanela. Ba e arolelane ho ya ka hore na ba bakae. Ha le e arolelana, le lekanyetse hore na e mong le e mong o tla ja nama e kae ya nku eo. 5 Nku ya lona e be e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo kapa le ka nna la kgetha ho diramo tse nyenyane kapa ho dipodi. 6 Le e hlokomele ho fihlela ka letsatsi la bo14 la kgwedi ena+ mme setjhaba sohle sa Iseraele* se e hlabe ha letsatsi le dikela.+ 7 Ba nke madi a mang mme ba a tlotse mahlakoreng a mabedi a kosene le karolong e ka hodimo ya monyako matlong ao ba e jellang ho ona.+

      8 Ba je nama eo bosiung boo.+ Ba e bese mollong mme ba e je ka bohobe bo se nang tomoso+ le ka meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja nama ya yona e le tala, e bedisitswe kapa e phehilwe ka metsi empa le e bese mollong. Le e bese le hlooho ya yona, ditlhakwana tsa yona le dikahare tsa yona. 10 Le se ke la beha nama le ha e le efe ya yona ho fihlela hoseng empa e salang ho fihlela hoseng le e tjhese mollong.+ 11 Le e je ka tsela ena: Le itlame* ka mabanta, le rwale dieta* maotong, le tshware melamu ya lona matsohong mme le e je ka potlako. Ke Paseka ya Jehova.

  • 2 Marena 23:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Morena Josiase a laela setjhaba a re: “Etsetsang Jehova Modimo wa lona Paseka+ jwalo ka ha ho ngotswe bukeng ya selekane.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela