-
Deuteronoma 30:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+
-
-
Daniele 9:2, 3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 ha ke ntse ke bala dibuka* selemong seo, ke ile ka hlokomela hore Jerusalema+ e ne e tla dula e se na baahi ka dilemo tse 70+ jwalo ka ha Jehova a ne a boleletse moprofeta Jeremia. 3 Ka mora moo, ka kopa thuso ho Jehova Modimo wa nnete, ka rapela, ka itima dijo,+ ka apara lesela le hwashang* mme ka itshela ka molora.
-