-
2 Dikronike 24:24, 25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Le hoja masole a Siria a neng a hlasela a ne a fokola ka palo, Jehova a etsa hore a hlole masole a mangata a Juda+ hobane batho ba Juda ba ne ba lahlile Jehova Modimo wa baholoholo ba bona. Ka hoo, ba* phethahatsa kahlolo ya Modimo ho Joase. 25 Ha Basiria ba tloha ho yena (ba mo siile a lemetse haholo*), bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana hobane o ne a bolaile bara* ba moprista Jehojada.+ Ba mo bolaela betheng ya hae+ yaba ba mo patela Motseng wa Davida+ empa ha ba a ka ba mo patela mabitleng a marena.+
-