-
1 Marena 3:5-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
5 Ha Solomone a le Gibeone, Jehova a hlaha ho yena torong bosiu a re: “Mpolelle hore na o batla ke o fe eng.”+ 6 Solomone a re: “O ile wa bontsha mohlanka wa hao e leng ntate wa ka Davida hore o mo rata haholo* hobane o ile a tsamaya ditseleng tsa hao ka botshepehi le ka ho loka. O ntse o mo bontsha lerato lena le leholo le kajeno ka hore ebe o ile wa mo fa mora hore a dule teroneng ya hae.+ 7 Jehova Modimo wa ka, o nkentse morena sebakeng sa ntate wa ka Davida le hoja ke sa le motjha* ebile ke se na boiphihlelo.*+ 8 Mohlanka wa hao o busa setjhaba seo o se kgethileng,+ ke setjhaba se seholo hoo se ke keng sa balwa. 9 Ka hoo, nthuse hore ke mamele ho tswa pelong e le hore ke kgone ho ahlola setjhaba sa hao+ le ho lemoha pakeng tsa se setle le se sebe+ ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”*
-