LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 7:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Ho ena le hoo, le etse tjena ho ditjhaba tseo: Le heletse dialetare tsa tsona, le dihe dipilara tsa tsona tse halalelang,+ le kgaole dipalo tsa tsona tse halalelang*+ mme le tjhese le ditshwantsho tsa tsona tse betlilweng.+

  • 2 Marena 18:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Ha Hoshea mora wa Ela morena wa Iseraele a ena le dilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora wa Morena Akaze+ wa Juda ya eba morena.

  • 2 Marena 18:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Ke yena ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng,+ a pshatla dipilara tse halalelang a ba a kgaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ya koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setshwantsho se rapelwang sa noha ya koporo.

  • 2 Dikronike 14:2, 3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Asa o ile a etsa dintho tse ntle le tse thabisang Jehova Modimo wa hae. 3 A tlosa dialetare tsa medimo e meng+ le dibaka tse phahameng, a thuha dipilara tse halalelang+ a ba a kgaola dipalo tse halalelang.*+

  • 2 Dikronike 34:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Josiase+ o ne a le dilemo di robedi ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 31.+

  • 2 Dikronike 34:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ha a ena le dilemo tse robedi a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Modimo wa moholoholo wa hae Davida.+ Ha a ena le dilemo tse 12 a busa, a hlwekisa Juda le Jerusalema+ ka hore a tlose dibaka tse phahameng+ le dipalo tse halalelang,* ditshwantsho tse rapelwang+ le ditshwantsho tsa tshepe.*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share