-
1 Marena 7:40-46Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
40 Hirame+ a boela a etsa dibeisine, dikgarafu+ le dijana.+
A qeta mosebetsi wohle oo a neng a o etsetsa Morena Solomone bakeng sa ntlo ya Jehova:+ 41 Dipilara tse pedi+ le dihlooho tse bopehileng jwalo ka sejana tse neng di le hodima dipilara tseo, disefe+ tse pedi ho kwahela dihlooho tseo, 42 dikgarenate tse 400+ bakeng sa disefe tse pedi, mela e mmedi ya dikgarenate bakeng sa sefe ka nngwe ho kwahela dihlooho tseo tse pedi, 43 diteroli tse leshome+ le dibeisine tse leshome+ tse hodima diteroli, 44 Tanka*+ le dipoho tse 12 tse tlasa yona, 45 dinkgo, dikgarafu, dijana le disebediswa tsohle tseo Hirame a di etseditseng Morena Solomone ka koporo e bentshitsweng bakeng sa ntlo ya Jehova. 46 Morena a di etsetsa letsopeng seterekeng sa Jordane, pakeng tsa Sukothe le Zarthane.
-