LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jeremia 25:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Empa ha dilemo tse 70 di fetile,+ ke tla otla morena wa Babilona le setjhaba seo* ka lebaka la phoso ya bona+ mme ke tla etsa hore naha ya Bakalde e se ke ya hlola e eba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ya tjhong.+

  • Jeremia 29:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuweng mme ke le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle le dibakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjwa.’+

  • Jeremia 33:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema tse fetohileng dithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utlwahale 11 modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, lentswe la ba reng: “Lebohang Jehova wa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+

      ‘Ba tla tlisa dinyehelo tsa teboho ka tlung ya Jehova+ etswe ke tla kgutlisa batho ba hapuweng ba naha feela jwalo ka pele,’ ke Jehova ya tjhong.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share