-
Nehemia 6:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Ha Sanbalate, Tobia,+ Gesheme wa Moarabia+ le dira tsa rona tse ding kaofela di bolellwa hore ke hahile lerako botjha+ le hore ho ne ho se na dikgeo ho lona (le hoja ho fihlela nakong eo ke ne ke eso kenye mamati dikeiting),+ 2 hanghang Sanbalate le Gesheme ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re behe nako ya ho kopana ho o mong wa metsana ya Thota ya Ono.”+ Empa ba ne ba rerile ho nntsha kotsi.
-