-
Exoda 34:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona mme ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16 Le tla nkela bara ba lona baradi ba bang ba bona+ mme ha baradi ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele medimo ya bona.+
-
-
Deuteronoma 7:3, 4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Le se ke la etsa selekane le ha e le sefe sa lenyalo* le ditjhaba tseo. Le se ke la fana ka baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale baradi ba tsona.+ 4 Ka ha ba tla kgelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela mme ba sebeletse medimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo mme o tla le fedisa ka potlako.+
-