16 Ka letsatsi la pele le be le kopano e halalelang mme ka letsatsi la bosupa, le be le kopano e nngwe hape e halalelang. Ha ho na mosebetsi o tla etswa ka matsatsi ana.+ Ntho e le nngwe feela eo le dumeletsweng ho e etsa ke ho pheha dijo tseo le di hlokang.
29Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la pele la kgwedi, le tshware kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.+ Ke letsatsi leo le lokelang ho letsa terompeta ka lona.+
12 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bosupa le tshware kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima mme le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+