-
Exoda 23:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Le jale peo masimong a lona mme le bokelle seo le se kotutseng ho ona ka dilemo tse tsheletseng.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa le a tlohele a sa lengwa mme le se ke la etsa letho ho ona. Batho ba futsanehileng ho batho ba habo lona ba tla ja ho ona, tseo bafutsana ba di siileng di tla jewa ke diphoofolo tsa naha. Ke seo le lokelang ho se etsa ka dirapa tsa lona tsa morara le meru ya lona ya mohlwaare.
-
-
Levitike 25:4, 5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Empa selemong sa bosupa, ho be le sabatha ya phomolo e feletseng bakeng sa naha e leng sabatha ya Jehova. O se ke wa jala peo tshimong ya hao kapa wa poma makala a difate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara. 5 O se ke wa kotula dijalo tse ileng tsa itlhahisa ka mora kotulo mme o se ke wa bokella morara wa sefate sa hao se sa pongwang makala. Ho be le selemo sa phomolo e feletseng bakeng sa naha.
-