Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esdrase 6:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 “Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo mabapi le ntlo ya Modimo e Jerusalema a re:+ ‘Ntlo e ke e hahwe botjha hore e be sebaka seo ho tla etsetswa mahlabelo ho sona mme e etsetswe metheo e tiileng. Bophahamo ba yona e be dimithara tse ka bang 27,* bophara ba yona e be dimithara tse ka bang 27+

  • Esdrase 6:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Ba lokela ho fuwa dintho tsohle tseo ba di hlokang letsatsi le letsatsi ebang ke dipohwana,+ diramo,+ dikonyana+ bakeng sa mahlabelo a setjheso a etsetswang Modimo wa mahodimo, koro,+ letswai,+ veine+ le oli+ feela jwalo ka ha baprista ba leng Jerusalema ba bolela

  • Esdrase 7:21-24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Nna Morena Artaseksese, ke laetse batho bohle ba tshwarang matlotlo ba sebaka se ka Nqane ho Noka* hore ntho e nngwe le e nngwe eo moprista Esdrase,+ mokopitsi* wa Molao wa Modimo wa mahodimo a e kopang ho lona a e fuwe ka potlako. 22 Le ha e ka ba silevera e etsang dikhilokramo tse 3 420,* dilithara tse 22 000* tsa koro, dilithara tse 2 200* tsa veine,+ dilithara tse 2 200* tsa oli+ le letswai+ le lengata. 23 Sohle seo Modimo wa mahodimo a se laetseng se ke se etswe ka mafolofolo bakeng sa ntlo ya Modimo wa mahodimo+ e le hore Modimo a se ke a halefela puso ya morena le bara ba hae.+ 24 Le boetse le tsebiswa hore ha le a dumellwa ho batla lekgetho ho hang+ kapa tjhelete ya ho sebedisa tsela ho baprista le ho Balevi, ho dibini+ le batho ba bapalang diletsa, ho balebedi ba menyako, ho basebeletsi ba tempeleng,*+ le ho basebetsi ba ntlo ena ya Modimo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela