-
Numere 22:4-6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Ka hoo, Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane:+ “Setjhaba sena se tla qeta dibaka tsohle tsa rona tse re potolohileng feela jwalo ka ha poho e qeta jwang bo naheng.”
Balake mora wa Zipore e ne e le morena wa Moabe ka nako eo. 5 A romela baromuwa hore ba bitse Balame mora wa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pela Noka* e naheng ya habo a re: “Ho na le setjhaba se tswileng Egepeta. Se kwahetse lefatshe*+ mme se dutse ka pela ka. 6 Jwale ka kopo, tloo o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka+ ka ha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola mme ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse mme eo o mo bitsetsang bomadimabe o welwa ke bomadimabe.”
-