Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esthere 3:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Haeba ho bonahala ho le molemo ho wena morena, ho ke ho ngolwe molao wa hore se fediswe. Ke tla fa diofisiri silevera ya boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho 340 000* tse tla iswa moo ho bolokwang matlotlo a hao.”*

  • Esthere 7:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Nna le batho ba heso re rekisitswe+ hore re bolawe, re fediswe le ho ripitlwa.+ Hoja re ne re rekisitswe hore re be makgoba feela, nka be ke sa re letho. Empa mahlomola ana ha a lokela ho dumellwa hobane morena o tlo senyehelwa.”

  • Esthere 9:24, 25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ mme o ne a entse hore ho lahlwe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba fedisa. 25 Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsweng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho yena.” Yaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela