-
Esthere 3:2-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le keiting ya morena ba ne ba kgumama le ho inama ka pela Hamane hobane morena o ne a laetse hore ho etswe jwalo. Empa Mordekai a hana ho kgumama le ho inama ka pela Hamane. 3 Yaba bahlanka ba morena ba keiting ya morena ba re ho Mordekai: “Ke hobaneng ha o sa mamele taelo ya morena?” 4 Ba ne ba bua le yena ka taba ena letsatsi le letsatsi empa a sa ba mamele. O ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+ Yaba ba bolella Hamane e le hore ba bone hore na ho tla etswang ka Mordekai.+
5 Ha Hamane a bona hore Mordekai o hana ho kgumama le ho inama ka pela hae, a tuka ke bohale.+
-