-
Jobo 2:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Qetellong mosadi wa Jobo a re ho yena: “Na ho a hlokahala hore o nne o tshepahale? Rohaka Modimo mme o shwe!” 10 Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwalo ka basadi ba se nang kelello. Na re lokela ho amohela dintho tse ntle feela ho tswa ho Modimo mme re se ke ra amohela le tse mpe?”+ Ho sa tsotellehe dintho tsohle tse ileng tsa mo etsahalla, Jobo ha a ka a bua ntho le ha e le efe e mpe.*+
-