-
Genese 12:7, 8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa bana* ba hao+ naha ena.”+ Abrame a haha aletare sebakeng seo, moo Jehova Modimo a ileng a hlaha ho yena. 8 Ha morao a tloha moo a ya sebakeng se dithaba ka botjhabela ho Bethele.+ A hloma tente ya hae pakeng tsa Bethele le Ai.+ Bethele e le ka bophirimela mme Ai e le ka botjhabela. O ile a hahela Jehova aletare+ moo yaba o qala ho bitsa lebitso la Jehova.+
-