6 Le e mamele ka hloko+ hobane le tla bontsha hore le bohlale+ ebile le na le kutlwisiso+ ka pela ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle mme di tla re, ‘Ka sebele setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale le se nang le kutlwisiso.’+
13 Ha ntho e nngwe le e nngwe e se e utlwilwe, qetello ya taba ke ena: Hlompha* Modimo wa nnete+ mme o mamele ditaelo tsa hae+ etswe ke yona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.+
20 Le hoja Modimo a ke ke a bonwa, makgabane a hae a bonwa ka ho hlaka dinthong tseo a di bopileng lefatsheng hobane batho ba ka a bona ha ba di sheba.+ Dintho tseo a di bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Modimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela.