Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 11:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Jwale Moshe a re ho Jehova: “Ke hobaneng ha o utlwisitse mohlanka wa hao bohloko? Ke entse eng e sa o thabiseng, hoo o behileng morwalo wa setjhaba see sohle hodima ka?+

  • Numere 11:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Haeba o tlo nketsa tjee, ke kopa o mpolaye hona jwale.+ Haeba o a nthata, etsa hore ke se ke ka hlola ke bona tlokotsi.”

  • 1 Marena 19:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Elia a tshoha mme a baleha e le hore a pholose bophelo ba hae.+ A ya Beersheba+ ya Juda+ mme a siya mohlanka wa hae moo. 4 A tsamaya leeto le ka nkang letsatsi a ya lefeelleng mme a fihla a dula tlasa sefate sa lefielo. A ikopela ho shwa a re: “Ho lekane Jehova! Mpolaye+ hobane ho tshwana le ha ke shwele jwalo ka baholoholo ba ka.”

  • Jobo 7:15, 16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 E le hore ke kgethe ho bipetsana,

      Ke kgethe lefu ho ena le ho phela ka tsela ena.*+

      16 Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela.

      Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka moya oo re o hemang.+

  • Jonase 4:2, 3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Ka hoo, a rapela Jehova a re: “Jehova, ke tsebile ke sa le haeso kwana hore ho tla etsahala tjena. Ke ka hoo di sa tloha feela ke ileng ka leka ho balehela Tarshishe+ hobane ke ne ke tseba hore o Modimo ya utlwelang batho bohloko, ya mohau, ya diehang ho halefa, ya lerato+ le ya sa rateng ho fana ka kotlo. 3 Jwale Jehova, ke kopa o ntlohele ke shwe hobane ho molemo hore ke shwe ho ena le ho phela.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela