Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 20:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla otla motho ya sebedisang lebitso la hae hampe.+

  • Jobo 4:18-20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Ha a tshepe bahlanka ba hae*

      Ebile o tshwaya mangeloi a hae diphoso.

      19 A ka tshepa jwang ba dulang matlong a entsweng ka mobu,

      Ba entsweng ka lerole,+

      Ba bolawang ha bonolo jwalo ka tshwele?*

      20 Ba a phela hoseng ebe mantsiboya ba a shwa,

      Ba a shwa mme ha ho na motho ya ba tsotellang.

  • Jobo 22:2, 3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  2 “Na motho o na le molemo ho Modimo?

      Na motho le ha e le ofe ya bohlale a ka mo tswela molemo?+

       3 Na Ya Matla Ohle o na le taba* hore na o lokile

      Kapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba o tshepahala?+

  • Jobo 25:5, 6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  5 Modimo ha a bone kgwedi e kganya

      Le dinaledi ha di a hlweka mahlong a hae.

       6 Ho jwalo le ka motho eo e leng tshenyane*

      Le mora motho eo e leng seboko.”

  • Jobo 42:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Eyang ho mohlanka wa ka Jobo le nkile dipoho tse supileng le diramo tse supileng mme le iketsetse sehlabelo sa setjheso. Mohlanka wa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla mamela thapelo ya hae* mme nke ke ka le fa kotlo ka lebaka la bowatla ba lona. Ha le a bua nnete ka nna, ke mohlanka wa ka Jobo feela ya e buileng.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela