Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 1 Marena 3:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 ke tla o fa seo o se kopileng.+ Ke tla o fa bohlale le kutlwisiso+ tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona kapa ya tla ke a be le tsona.+

  • 1 Marena 4:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Modimo a fa Solomone bohlale, temohisiso le kutlwisiso ka bongata bo kang ba lehlabathe le lebopong la lewatle.+

  • Jobo 35:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 O re ruta+ hore re be bohlale ho feta dibata+

      Ebile o etsa hore re be bohlale ho feta dinonyana.

  • Diproverbia 2:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Jehova o fana ka bohlale,+

      Molomong wa hae ho tswa tsebo le temoho.

  • Moeklesia 2:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Modimo o fa batho ba mo kgahlisang bohlale, tsebo le thabo+ empa baetsadibe o ba fa mosebetsi wa ho bokella le ho phutha e le hore feela ba fe ya kgahlisang Modimo wa nnete.+ Hona le hona ke lefeela le ho lelekisa moya.

  • Daniele 1:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Modimo wa nnete a fa batjha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokgoni ba ho utlwisisa dintho tsohle tse ngotsweng. Daniele yena o ile a fuwa bokgoni ba ho utlwisisa mefuta yohle ya dipono le ditoro.+

  • Matheu 11:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Ka nako eo, Jesu a re: “Ke o rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena wa lehodimo le lefatshe hobane o patetse ba bohlale le ba nang le kelello dintho tsena empa o di senoletse bana ba banyenyane.+

  • Jakobo 1:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Haeba mang kapa mang ho lona a haellwa ke bohlale, a nne a bo kope ho Modimo+ mme o tla bo fuwa+ hobane Modimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.*+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela