-
Diketso 12:21-23Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Ka letsatsi le leng le kgethehileng, Heroda a apara diaparo tsa hae tsa borena yaba o dula setulong sa kahlolo o bua le setjhaba. 22 Yaba setjhaba se bokaneng se a hweletsa se re: “Ke lentswe la modimo eseng la motho!” 23 Hanghang lengeloi la Jehova* la mo otla hobane ha a ka a tlotlisa Modimo. A jewa ke diboko yaba o a shwa.
-