Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Genese 18:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Na ho na le ntho e ka hlolang Jehova?+ Ke tla kgutlela ho wena selemong se tlang ka yona nako ena mme Sara o tla be a ena le mora.”

  • Pesaleme 135:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Jehova o etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang ho e etsa+

      Lehodimong le lefatsheng, mawatleng le dibakeng tsohle tse tebileng.

  • Esaia 43:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Hape, ka mehla ke nna ya tshwanang,+

      Ha ho na motho ya ka nkang letho letsohong la ka.+

      Ha ke nka kgato, ke mang ya ka nthibang?”+

  • Esaia 55:10, 11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Feela jwalo ka ha pula le lehlwa di theoha lehodimong,

      Di sa kgutlele teng di eso nosetse lefatshe le ho etsa hore le be le dihlahiswa mme le hlomele

      Le hore le hlahisetse mojadi peo le batho ba fumane dijo,

      11 Lentswe la ka le tswang molomong wa ka le tla ba jwalo.+

      Le ke ke la kgutlela ho nna le se na ditholwana.+

      Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang*+

      Mme jwang kapa jwang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.

  • Jeremia 32:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle! O entse mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka o hlolang,

  • Mareka 10:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Jesu a ba sheba yaba o re: “Ho batho ho ke ke ha kgoneha empa ho Modimo ha ho jwalo hobane dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.”+

  • Luka 18:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Jesu a re: “Dintho tse ke keng tsa kgoneha ho batho di a kgoneha ho Modimo.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela