-
Jobo 2:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Ha boela ha tla letsatsi la hore bara ba Modimo wa nnete*+ ba tle ka pela Jehova+ yaba Satane o kena le bona ho tla ema ka pela Jehova.+
2 Jehova a re ho Satane: “O tswa hokae?” Satane a araba Jehova a re: “Ke tswa solla lefatsheng le ho tsamaya ho lona.”+ 3 Jehova a boela a re ho Satane: “Na o hlokometse* hore ha ho motho ya tshwanang le mohlanka wa ka Jobo? Ke monna ya lokileng le ya tshepahalang,+ o tshaba Modimo ebile o hloile dintho tse mpe. O ntse a tshepahala+ le hoja wena o batla hore ke senye bophelo ba hae+ ntle ho lebaka.”
-