LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 22:18, 19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Empa le bolelle morena wa Juda ya itseng le tlo botsa Jehova le re, “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ho latela mantswe ao o a utlwileng, 19 o ile wa mamela* mme wa ikokobelletsa+ Jehova ha o utlwa seo ke se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. Ke tla ba fedisa mme batho ba tla tshoha ka lebaka la bona. O ile wa tabola diaparo tsa hao,+ wa lla wa kopa thuso ho nna mme ke o utlwile, ke nna Jehova ya tjhong.

  • 2 Dikronike 33:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 A nna a mo rapela mme Modimo a haulwa ke kopo ya hae yaba o a mo mamela. A mo kgutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.+ Manase a tseba hore Jehova ke Modimo wa nnete.+

  • Pesaleme 22:24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Ha a iphapanyetse mahlomola a ya hateletsweng.+

      Ha a mo patele sefahleho sa hae.+

      Ha a ne a llela ho yena ho kopa thuso, o ile a mo utlwa.+

  • Pesaleme 34:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Jehova o haufi le bao dipelo tsa bona di utlwileng bohloko.+

      O pholosa ba kgathetseng matla.*+

  • Diproverbia 28:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Motho ya patang diphoso tsa hae a ke ke a atleha+

      Empa ya di bolelang mme a di bakela o tla hauhelwa.+

  • Esaia 57:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ya Hodimo le Ya Phahameng,

      Ya phelang*+ ka ho sa feleng, eo lebitso la hae le halalelang+ o re:

      “Ke dula sebakeng se phahameng, se halalelang+

      Hape ke dula le ba nyahameng le ba weleng moya

      E le hore ke hlasimolle ba weleng moya

      Le ho hlasimolla dipelo tsa ba nyahameng.+

  • Luka 15:22-24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Empa ntate eo a re ho makgoba a hae: ‘Phakisang le tle le seaparo se selelele se setle, le mo apese sona, le mo rwese reng le be le mo rwese dieta.* 23 Le tlise namane e nonneng, le e hlabe, re etse mokete re je 24 hobane mora enwa wa ka o ne a shwele empa o boetse o a phela,+ o ne a lahlehile empa o fumanwe.’ Yaba ba qala ho keteka.

  • Luka 18:13, 14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Empa mokelli wa lekgetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba lehodimong. O ile a bontsha hore o swabile* a re: ‘Modimo, nkgauhele nna moetsadibe.’+ 14 Ke a le bolella, ho Modimo monna eo o ile hae e le motho ya lokileng ho feta Mofarisi yane.+ Hobane mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share