-
Deuteronoma 6:10-12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Ha Jehova Modimo wa lona a le tlisa naheng eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla le fa yona+ e leng metse e meholo le e metle eo le sa kang la e haha,+ 11 matlo a tletseng dintho tsa mefuta yohle tse ntle tseo le sa kang la di sebeletsa, didiba tseo le sa kang la di tjheka, dirapa tsa morara le difate tsa mohlwaare tseo le sa kang la di lema mme le jele ebile le kgotsofetse,+ 12 le itlhokomele hore le se ke la lebala Jehova+ ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka tlung ya bokgoba.
-
-
Jobo 31:28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
28 E ne e tla ba ke entse phoso mme baahlodi ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo
Ka ha ke ne ke tla be ke latotse Modimo wa nnete ya lehodimong.
-