LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jobo 34:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 O tla fa motho moputso o mo tshwanelang,+

      A etse hore a kotule seo a se jetseng.

  • Diproverbia 24:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Haeba o re: “Empa re ne re sa tsebe,”

      Na Ya hlahlobang dipelo a ke ke a lemoha menahano ya hao?+

      Ya o shebileng ka hloko o tla tseba,

      O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae.+

  • Baroma 2:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 O tla ahlola e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae.+

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Kaofela ha rona re tla ema ka pela setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuwe moputso ho ya ka dintho tseo a ileng a di etsa ha a sa ntse a ena le mmele ebang di ne di le ntle kapa di le mpe.+

  • Bagalata 6:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ya ka thetsang* Modimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+

  • 2 Timothea 4:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Alexandere setei sa koporo o nkentse hampe ka makgetlo a mangata. Jehova* o tla mo ahlolela diketso tsa hae.+

  • Tshenolo 20:12, 13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pela terone mme meqolo ya bulwa. Empa ho ile ha bulwa moqolo o mong, moqolo wa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahlolwa ka dintho tse ngotsweng meqolong eo ho ya ka diketso tsa bona.+ 13 Lewatle la kgutlisa bafu ba ka ho lona, lefu le Lebitla* le tsona tsa kgutlisa bafu ba ka ho tsona yaba e mong le e mong o ahlolwa ho ya ka diketso tsa hae.+

  • Tshenolo 22:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Modimo o re: ‘Ke tla kapele mme ke tshwere moputso oo ke tla o fa e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share