-
1 Samuele 30:23-25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 Empa Davida a re: “Bana beso le se ke la etsa tjena ka dintho tseo Jehova a re fileng tsona. O re sireleditse mme a re thusa hore re hlole banna ba neng ba re hlasetse.+ 24 Ke mang ya ka dumellanang le lona tabeng ee? Ba tswang ntweng ba tla fumana karolo e lekanang le ya ba neng ba setse le thoto.+ Bohle ba tla fumana dintho ka ho lekana.”+ 25 Ho tloha letsatsing leo ho ya pele, o ile a etsa hore ebe molao wa Iseraele ho tla fihlela kajeno.
-