3 Ka hoo, Jehova a mamela lentswe la Baiseraele mme a fana ka Bakanana ho bona yaba ba ba fedisa ha mmoho le metse ya bona. Ka hoo, ba reha sebaka seo lebitso la Horma.*+
5 Yaba marena a mahlano a Baamore+ e leng morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone, morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe le morena wa Eglone, a kopana ha mmoho le masole a ona mme a ya Gibeone ho ya e lwantsha.
10 Jehova a di ferekanya ka pela Baiseraele+ mme ba di bolaya ka bongata Gibeone, ba di lelekisa tseleng e moepa ya Bethe-horone mme ba di bolaya ho ya fihla Azeka le Makeda.