10 A fa morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 4 104,* oli ya balsame e ngata+ le majwe a bohlokwa.+ Le ka mohla ha ho a ka ha hlola ho tliswa oli e ngata hakaalo ya balsame jwalo ka eo mofumahadi wa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone.
23 Batho ba bangata ba tlisetsa Jehova dimpho Jerusalema. Hape ba tlisetsa Morena Ezekiase wa Juda dintho tse ntle.+ Ditjhaba tsohle tsa mo hlompha haholo ka mora moo.